Baroma
Khaolo 15:1-4
BIBELE e Halalelang
1Jwale, rona ba matla, re tshwanetse ho jara mefokolo ya ba fokolang, mme re se ke ra batla ho kgahlisang rona feela.
2Motho ka mong ho rona a kgahlise ngwanabo ka ho mmatlela se molemo ho yena, se ka mo hahisang.
3Hobane Kreste le yena ha a ka a batla tse mo kgahlisang, empa ho bile jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Dikomang tsa ba o rorelang di nkwetse hodimo.
4Hobane taba tsohle tse ngodilweng pele, di ngodilwe ho re ruta, hore, ka ho mamella le ka ho tshediswa ke Mangolo, re tle re be le tshepo.