Baroma
Khaolo 15:20-26
BIBELE e Halalelang
20Mme jwale, ke bile ka phehella hoba ke bolele Evangeli moo Kreste a neng a eso ho bolelwe teng, hore ke se ke ka haha motheong wa ba bang.
21Ho mpe ho be jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Bao a neng a eso ho ka a bolelwa ho bona, ba tla bona, le ba neng ba eso ho ka ba utlwa taba tsa hae, ba tla utlwisisa.
22Ke yona taba e nthibetseng hangata ho le etela.
23Empa jwale, haele moo ke se ke se na sebaka naheng tsena, mme kahobane esale kentse ke lakatsa ho le etela, e se e le dilemo tse ngata,
24ke tla le etela ha ke ya Spania; hobane ke tshepile hore ke tla le bona, ha ke haola naha ya lona, le hore ke lona le tla nkisa teng, ha ke se ke kgotswe hanyenyane ke lona.
25Haele jwale, ke ya Jerusalema, ho ya sebeletsa bahalaledi.
26Hobane ba Masedonia le ba Akaea ba ratile ho bokella dithuso tse tla abelwa bahalaledi ba fumanehileng ba Jerusalema.