Baroma
Khaolo 15:22-28
BIBELE e Halalelang
22Ke yona taba e nthibetseng hangata ho le etela.
23Empa jwale, haele moo ke se ke se na sebaka naheng tsena, mme kahobane esale kentse ke lakatsa ho le etela, e se e le dilemo tse ngata,
24ke tla le etela ha ke ya Spania; hobane ke tshepile hore ke tla le bona, ha ke haola naha ya lona, le hore ke lona le tla nkisa teng, ha ke se ke kgotswe hanyenyane ke lona.
25Haele jwale, ke ya Jerusalema, ho ya sebeletsa bahalaledi.
26Hobane ba Masedonia le ba Akaea ba ratile ho bokella dithuso tse tla abelwa bahalaledi ba fumanehileng ba Jerusalema.
27Ke re, ba ratile, athe ba fela ba le molato ho bona ruri; hobane baditjhaba ha ba abetswe menono ya bona ya moya, le bona ba tshwanetse ho ba abela menono ya nama.
28Jwale, etlare hobane ke phethe hoo, mme ke behe tholwana eo matsohong a bona, ke tla ya Spania, ke feta ha lona.