Baroma
Khaolo 15:3-9
BIBELE e Halalelang
3Hobane Kreste le yena ha a ka a batla tse mo kgahlisang, empa ho bile jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Dikomang tsa ba o rorelang di nkwetse hodimo.
4Hobane taba tsohle tse ngodilweng pele, di ngodilwe ho re ruta, hore, ka ho mamella le ka ho tshediswa ke Mangolo, re tle re be le tshepo.
5Modimo wa mamello le wa tshediso o ke o le nee ho ba le kgopolo e le nngwe e mong ka nqa ho e mong, ho Jesu Kreste,
6bohle hammoho le tle le tlotlise Modimo, e leng Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, ka molomo o le mong.
7Le amohelane ke hona, jwalokaha Kreste le yena a le amohetse, e be tlotliso ya Modimo.
8Mme ke re: Jesu Kreste e bile monemotse wa ba lebollo ya emelang nnete ya Modimo, hore a tle a phethe ditshepiso tse etseditsweng bontatemoholo;
9le hore baditjhaba ba tle ba tlotlise Modimo, ka baka la mohau wa wona; jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ka baka leo, ke tla o tumisa hara baditjhaba, ke binele lebitso la hao dipesaleme.