Baroma
Khaolo 15:30-33
BIBELE e Halalelang
30Jwale, banabeso, ke a le rapela, ka baka la Morena wa rona Jesu Kreste, le ka lerato la Moya, hore le lona le tle le ntwanele merapelong eo le nketsetsang yona ho Modimo;
31hore o tle o ntwele ho ba sa dumeleng ba Judea, le hore bahalaledi ba Jerusalema ba tle ba amohele hamonate thuso eo ke e isang ho bona;
32ke tle ke le etele ka thabo, ka ho rata ha Modimo, mme ke kgatholohe ha lona.
33Jwale, Modimo wa kgotso o be le lona bohle! Amen!