Baroma
Khaolo 16:1-5
BIBELE e Halalelang
1Ke le laeletsa Fibi, kgaitsedi ya rona, lekgabunyane la kereke ya Kenkrea.
2Le tle le mo amohele Moreneng, jwalokaha bahalaledi ba tshwanelwa ke ho amohelwa, mme le mo thuse nthong tsohle tseo a ka le hlokang ho tsona; hobane le yena o thusitse ba bangata, le nna ka sebele.
3Ntumedisetseng Prisila le Akila, batlatsi ba ka ho Jesu Kreste;
4ba kileng ba ntella dihlooho tsa bona ho mpholosa; mme hase nna feela ke ba lebohang, ba lebohuwa le ke dikereke tsohle tsa baditjhaba.
5Ntumedisetseng le kereke e ka tlung ya bona. Ntumedisetseng Epainete, moratuwa wa ka, eo e leng thakangwaha ya Akaea ho Kreste.