Baroma
Khaolo 16:12-18
BIBELE e Halalelang
12Ntumedisetseng Trifene le Trifose, basadi ba sebeletsang Morena. Ntumedisetseng Persida, moratuwa wa rona; le yena o sebeditse haholo tshebeletsong ya Morena.
13Ntumedisetseng Rufuse, mokgethwa wa Morena, le mmae, eo e leng le mme.
14Ntumedisetseng Asinkrite, le Flegone, le Hermese, le Patrobase, le Hermase, le baena ba nang le bona.
15Ntumedisetseng Filologe, le Julia, le Nerea, le ngwanabo, le Olimpa, le bahalaledi bohle ba nang le bona.
16Dumedisanang ka kako e halalelang. Dikereke tsa Kreste kaofela di a le dumedisa.
17Jwale, banabeso, ke a le kgothatsa, ke re, le iponele ho ba hlahisang dikgaohano le dikgopiso ka ho senya thuto eo le ithutileng yona, mme le ba sesefe.
18Hobane batho ba jwalo ha ba sebeletse Morena wa rona Jesu Kreste, ba mpa ba sebeletsa dimpa tsa bona feela, mme ba kgelosa dipelo tsa ba se nang molato ka dipolelo tse kgahlehang le ka tse tjhatjhehisang.