Baroma
Khaolo 16:14-20
BIBELE e Halalelang
14Ntumedisetseng Asinkrite, le Flegone, le Hermese, le Patrobase, le Hermase, le baena ba nang le bona.
15Ntumedisetseng Filologe, le Julia, le Nerea, le ngwanabo, le Olimpa, le bahalaledi bohle ba nang le bona.
16Dumedisanang ka kako e halalelang. Dikereke tsa Kreste kaofela di a le dumedisa.
17Jwale, banabeso, ke a le kgothatsa, ke re, le iponele ho ba hlahisang dikgaohano le dikgopiso ka ho senya thuto eo le ithutileng yona, mme le ba sesefe.
18Hobane batho ba jwalo ha ba sebeletse Morena wa rona Jesu Kreste, ba mpa ba sebeletsa dimpa tsa bona feela, mme ba kgelosa dipelo tsa ba se nang molato ka dipolelo tse kgahlehang le ka tse tjhatjhehisang.
19Empa ho utlwa ha lona ho tsebilwe ke bohle; ke le thabela ke hona, empa ke rata ha le ka ba bohlale botleng, mme le be dithoto bobeng.
20Modimo wa kgotso ke wona o tla phakisa o robokele Satane katlasa maoto a lona. Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona. Amen!