Baroma
Khaolo 2:15-21
BIBELE e Halalelang
15Ba bonahatsa hobane mosebetsi wa molao o ngodilwe dipelong tsa bona, ba ntse ba pakelwa ke letswalo le ke mehopolo ya bona e ba kgalemelang, kapa e ba emelang,
16tsatsing leo Modimo o tla ahlola disatsejweng tsa batho ka Jesu Kreste, jwalokaha Evangeli yaka e ruta.
17Bona, o na le lebitso la Mojuda; o tshepile molao; o ithorisa ka Modimo;
18o tseba thato ya wona, o tseba le ho kgetha se sa dumellaneng le yona, etswe o rutilwe ke molao.
19O hloma eka o motsamaisi wa difofu le lesedi la ba leng lefifing,
20le moeletsi wa ba sa tsebeng letho, le moruti wa dithoto, kahobane molaong o neilwe thuto e nepehileng ya tsebo le ya nnete.
21Empa wena ya rutang ba bang, hle wena ha o ithute! Wena ya bolelang hore ho se ke ha utsuwa, o a utswa!