Baroma
Khaolo 2:7-13
BIBELE e Halalelang
7Ba batlang kganya, le hlompheho, le ho se bole, ka ho tiisetsa ho etsa hantle, o ba nee bophelo bo sa feleng;
8empa ba ngangellang, ba sa utlweng nnete, ba utlwang ho sa lokang, o ba nee kgalefo le bohale.
9Mahlomola le ditlokotsi di be teng hodima moya wa motho ka mong ya etsang bobe, hodima Mojuda pele, ho isa le ho Mogerike.
10Empa kganya le hlompheho le kgotso di be teng ho motho ka mong ya etsang hantle, ho Mojuda pele, ho isa le ho Mogerike.
11Hobane Modimo ha o ye ka tshobotsi ya motho.
12Ka baka leo, bohle ba sitilweng ba se na molao, ba tla timela ho se molao; mme bohle ba sitilweng ba ena le molao, ba tla ahlolwa ke molao.
13Hobane ba utlwang molao, hase bona ba lokileng pela Modimo, empa ba phethang molao ke bona ba tla bewa ba lokileng;