Baroma
Khaolo 3:25-31
BIBELE e Halalelang
25eo Modimo o mmeileng esale pele hore e be pheko ho ba dumelang mading a hae, o tle o bonahatse ho loka ha wona, kamoo Modimo o neng o lesitse dibe tsa pele kateng, mehleng ya boiphapanyo ba wona.
26Ebile hore o bonahatse ho loka ha wona mehleng ya jwale, hore e tle e be o lokileng le o beang ya nang le tumelo ho Jesu ya lokileng.
27Jwale, sebaka sa ho ithorisa se kae? Ha se yo. Ka molao ofe? A ke ka wa mosebetsi na? Tjhe; empa e le ka molao wa tumelo.
28Ha ho le jwalo, re kgolwa hore motho o bewa ya lokileng ka tumelo, kantle ho mesebetsi ya molao.
29Na Modimo ke Modimo wa Bajuda ba nnotshi na? Na hase le wa baditjhaba na? E, ke wa baditjhaba le bona.
30Hobane Modimo o mong feela, o tlang ho bea ba lebollo ba lokileng ka tumelo, le bona ba sa bollang ka tumelo.
31Hleka jwale re fedisa molao ka tumelo na? Ho se ke ha thualo; re mpa re tiisa molao.