Baroma
Khaolo 3:27-31
BIBELE e Halalelang
27Jwale, sebaka sa ho ithorisa se kae? Ha se yo. Ka molao ofe? A ke ka wa mosebetsi na? Tjhe; empa e le ka molao wa tumelo.
28Ha ho le jwalo, re kgolwa hore motho o bewa ya lokileng ka tumelo, kantle ho mesebetsi ya molao.
29Na Modimo ke Modimo wa Bajuda ba nnotshi na? Na hase le wa baditjhaba na? E, ke wa baditjhaba le bona.
30Hobane Modimo o mong feela, o tlang ho bea ba lebollo ba lokileng ka tumelo, le bona ba sa bollang ka tumelo.
31Hleka jwale re fedisa molao ka tumelo na? Ho se ke ha thualo; re mpa re tiisa molao.