Baroma
Khaolo 5:3-9
BIBELE e Halalelang
3Hase hoo feela, empa re ithorisetsa le matshwenyehong, re tswe re tseba hobane tshwenyeho e hlahisa mamello,
4mamello e hlahisa temoho, temoho e hlahisa tshepo;
5mme tshepo ha e hlahisetse motho dihlong, hobane lerato la Modimo le tshetswe dipelong tsa rona ke Moya o Halalelang oo re o neilweng.
6Efela, ha re ne re se na matla, Kreste a shwa ka nako e tshwanelang, sebakeng sa ba sa reng letho ka Modimo.
7Athe ke kathata e mong a ka shwelang ya lokileng; hobane mohlomong e mong a ka tshoha a tiisa pelo ho shwela motho ya molemo.
8Empa moo Modimo o totisitseng lerato la wona ho rona teng, ke ka hore, re sa le baetsadibe, Kreste o bile a shwa sebakeng sa rona.
9Mme jwale, ha re se re beilwe ba lokileng ka madi a hae, re tla lwelwa bohaleng ho fetisa hakakang ka baka la hae.