Baroma
Khaolo 6:16-22
BIBELE e Halalelang
16Ana ha le tsebe hoba, ha le ipea bahlanka ba e mong ho mo utlwa, le bahlanka ba eo le mo utlwang, leha e le ba sebe se isang lefung, leha e le ba kutlo e isang ho lokeng?
17Modimo o bokwe, hobane lona le neng le le bahlanka ba sebe, jwale le dumetse ka pelo ho ya ka mehlala ya thuto eo le e rutilweng.
18Mme jwale, ha le holotswe sebeng, le fetohile bahlanka ba ho loka.
19Ke bolela ka mokgwa wa batho ka baka la phokolo ya nama ya lona. Ke re: Jwalokaha le ne le beile ditho tsa lona ho ba bahlanka ba ditshila le ba bokgopo ho etsa bokgopo, ka mokgwa oo jwale, beang ditho tsa lona jwalo, di be bahlanka ba ho loka ho isang kgalalelong.
20Hobane ha le ne le sa ntse le le bahlanka ba sebe, le ne le sa buswe ke ho loka.
21Mehleng eo, le ne le kotulang dinthong tseo le swabang ke tsona jwale? Hobane bofello ba tsona ke lefu.
22Empa jwale, ha le holotswe sebeng, mme le fetohile bahlanka ba Modimo, le ikotulela kgalalelo, mme bofello ke bophelo bo sa feleng.