Baroma
Khaolo 6:5-11
BIBELE e Halalelang
5Hobane ekare ha re entswe setlama se le seng le yena ka ho tshwana le yena lefung la hae, re tla ba jwalo le tsohong ya hae,
6re ntse re tseba hobane motho wa rona wa kgale o thakgisitswe le yena, hore mmele wa sebe o tle o fediswe, re tle re se ke ra hlola re eba bahlanka ba sebe.
7Hobane ya shweleng o lokolotswe sebeng.
8Mme jwale, ha re shwele le Kreste, re a dumela le hona hobane re tla phela le yena,
9re tswe re tseba hoba Kreste, ha a se a tsohile bafung, ha a sa boela a eshwa; lefu ha le sa na matla ho yena.
10Hobane ho shweng ha hae, o shwele hang ka nqa ya sebe; mme ho pheleng ha hae, o phelela Modimo.
11Ka mokgwa o jwalo, le lona, le ke le bale hore le shwele ka nqeng ya sebe, le hore le phelela Modimo ka Jesu Kreste.