Baroma
Khaolo 6:6-12
BIBELE e Halalelang
6re ntse re tseba hobane motho wa rona wa kgale o thakgisitswe le yena, hore mmele wa sebe o tle o fediswe, re tle re se ke ra hlola re eba bahlanka ba sebe.
7Hobane ya shweleng o lokolotswe sebeng.
8Mme jwale, ha re shwele le Kreste, re a dumela le hona hobane re tla phela le yena,
9re tswe re tseba hoba Kreste, ha a se a tsohile bafung, ha a sa boela a eshwa; lefu ha le sa na matla ho yena.
10Hobane ho shweng ha hae, o shwele hang ka nqa ya sebe; mme ho pheleng ha hae, o phelela Modimo.
11Ka mokgwa o jwalo, le lona, le ke le bale hore le shwele ka nqeng ya sebe, le hore le phelela Modimo ka Jesu Kreste.
12Mme jwale, sebe se se ke sa busa mmeleng ya lona e shwang, hore le se utlwe ditakatsong tsa sona.