Baroma
Khaolo 7:11-17
BIBELE e Halalelang
11Hobane sebe, ka ho nka sebaka taelong, sa nthetsa, mme sa mpolaya ka yona.
12Ha ho le jwalo, jwale, haele molao, wona o a halalela, le taelo e a halalela, e lokile, e molemo.
13Hleka se leng molemo se mphetohetse lefu na? Ho se ke ha thualo! Empa sebe se mpolaile ka ntho e molemo, hore se tle se bonahale hoba ke sebe, le hore sebe se hlahise bobe ba sona ka ho fetisisa ka baka la taelo.
14Hobane re a tseba hore molao ke wa moya, empa nna ke wa nama, ke reketswe hore ke be mohlanka wa sebe.
15Hobane seo ke se etsang ha ke se tsebe; hobane ha ke etse seo ke se ratang, empa ke etsa seo ke se hloileng.
16Mme ha ke etsa seo ke sa se rateng, ka sona ke dumela hoba molao o molemo.
17Mme jwale, ha e sa le nna ke se etsang, empa e le sebe se ahileng ka ho nna.