Baroma
Khaolo 7:14-20
BIBELE e Halalelang
14Hobane re a tseba hore molao ke wa moya, empa nna ke wa nama, ke reketswe hore ke be mohlanka wa sebe.
15Hobane seo ke se etsang ha ke se tsebe; hobane ha ke etse seo ke se ratang, empa ke etsa seo ke se hloileng.
16Mme ha ke etsa seo ke sa se rateng, ka sona ke dumela hoba molao o molemo.
17Mme jwale, ha e sa le nna ke se etsang, empa e le sebe se ahileng ka ho nna.
18Hobane ke tseba hore ha ho molemo o ahileng ka ho nna, ke ho re, nameng ya ka; hobane haele ho rata, hona ho teng ho nna, empa haele ho etsa se molemo, ha ke ho fihlele.
19Hobane molemo oo ke o ratang, ha ke o etse, empa bobe boo ke sa bo rateng, bona ke a bo etsa.
20Mme ha ke etsa seo ke sa se rateng, ha e sa le nna ke se etsang, empa e le sebe se ahileng ka ho nna.