Baroma
Khaolo 7:19-25
BIBELE e Halalelang
19Hobane molemo oo ke o ratang, ha ke o etse, empa bobe boo ke sa bo rateng, bona ke a bo etsa.
20Mme ha ke etsa seo ke sa se rateng, ha e sa le nna ke se etsang, empa e le sebe se ahileng ka ho nna.
21Ke moo ke fumanang molao ka ho nna ya ratang ho etsa botle, wa hore bobe bo nkgomaretse.
22Hobane haele ka motho wa kahare, ke thabela molao wa Modimo;
23empa ke fumana molao osele dithong tsa ka, o lwantshanang le molao wa kelello ya ka, o mpofellang molaong wa sebe, o dithong tsa ka.
24Ke motho ya soto hakakang! Ke mang ya tla ngkolla mmeleng wona wa lefu?
25Ke leboha Modimo ka Jesu Kreste, Morena wa rona!