Baroma
Khaolo 7:5-11
BIBELE e Halalelang
5Hobane, eitse ha re ne re sa le nameng, maikutlo a dibe, a halefiswang ke molao, a ne a sebetsa dithong tsa rona a tle a hlahise ditholwana tsa lefu.
6Empa jwale, re holotswe molaong, ha re shwele ka nqeng ya molao oo re neng re bofilwe ke wona, re tle re sebeletse Modimo botjheng ba moya, e seng ka letere e tsofetseng.
7Ana jwale re tla reng? A molao ke sebe na? Ho se ke ha thualo! Feela, hojane e se be ka molao, nka be ke sa tsebe sebe; hobane nka be ke sa ka ka tseba seo takatso e leng sona, hola molao o se ke wa re: O se ke wa lakatsa.
8Empa sebe se nkile sebaka taelong, mme se hlahisitse ditakatso tsohle ka ho nna; hobane molao ha o le siyo, sebe se shwele.
9Pele ke ne ke phela, ke se na molao; empa eitse ha molao o fihla, sebe sa tsoha, mme nna ka shwa.
10Ha fihlelwa jwalo hobane taelo e beilweng ho mphedisa, ke yona e mpolaileng.
11Hobane sebe, ka ho nka sebaka taelong, sa nthetsa, mme sa mpolaya ka yona.