Baroma
Khaolo 7:6-12
BIBELE e Halalelang
6Empa jwale, re holotswe molaong, ha re shwele ka nqeng ya molao oo re neng re bofilwe ke wona, re tle re sebeletse Modimo botjheng ba moya, e seng ka letere e tsofetseng.
7Ana jwale re tla reng? A molao ke sebe na? Ho se ke ha thualo! Feela, hojane e se be ka molao, nka be ke sa tsebe sebe; hobane nka be ke sa ka ka tseba seo takatso e leng sona, hola molao o se ke wa re: O se ke wa lakatsa.
8Empa sebe se nkile sebaka taelong, mme se hlahisitse ditakatso tsohle ka ho nna; hobane molao ha o le siyo, sebe se shwele.
9Pele ke ne ke phela, ke se na molao; empa eitse ha molao o fihla, sebe sa tsoha, mme nna ka shwa.
10Ha fihlelwa jwalo hobane taelo e beilweng ho mphedisa, ke yona e mpolaileng.
11Hobane sebe, ka ho nka sebaka taelong, sa nthetsa, mme sa mpolaya ka yona.
12Ha ho le jwalo, jwale, haele molao, wona o a halalela, le taelo e a halalela, e lokile, e molemo.