Baroma
Khaolo 8:12-18
BIBELE e Halalelang
12Ka baka leo, banabeso, ha re molato ho nama, hore re phele ka thato ya nama.
13Hobane ha le phela ka thato ya nama, le tla shwa; empa ha le bolaya mesebetsi ya mmele ka Moya, le tla phela.
14Hobane bohle ba tsamaiswang ke Moya wa Modimo, bona ke bana ba Modimo.
15Hobane ha le a ka la newa moya wa bohlanka, hore tshabo e boele e be teng, le mpa le neilwe Moya wa ba bewang bana, oo re bitsang Abba! Ntate! ka wona.
16Le wona Moya o emelana le moya wa rona, hore re bana ba Modimo.
17Mme ha re le bana, re majalefa: majalefa a Modimo, le majalefa hammoho le Kreste, ha re fela re utlwa bohloko le yena, re tle re newe kganya le yena.
18Ke mpa ke lekanya hore mahlomola a mehla ya jwale ha a tshwanele ho lekanngwa le kganya e tlang ho bonahala ho rona.