Baroma
Khaolo 8:17-23
BIBELE e Halalelang
17Mme ha re le bana, re majalefa: majalefa a Modimo, le majalefa hammoho le Kreste, ha re fela re utlwa bohloko le yena, re tle re newe kganya le yena.
18Ke mpa ke lekanya hore mahlomola a mehla ya jwale ha a tshwanele ho lekanngwa le kganya e tlang ho bonahala ho rona.
19Hobane tse bopilweng kaofela di lebeletse ponahalo ya bana ba Modimo ka hlolohelo e kgolo.
20Hobane tse bopilweng di ne di bewe tlasa mmuso wa bosawana, e seng ka ho rata ha tsona, empa e le ka baka la ya di beileng katlasa wona;
21tshepo e ntse e le teng ya hore le tsona tse bopilweng di tla hollwa bohlankeng ba tshenyeho, di tle di be tokollong ya kganya ya bana ba Modimo.
22Hobane re a tseba hore tse bopilweng tsohle di ntse di fehelwa, di bile di tsietsing hammoho, ho fihlela jwale.
23Mme hase tsona di nnotshi, empa le rona re nang le dithakangwaha tsa Moya, e, le rona re fehelwa kahare ho rona, re lebeletse ho bewa bana, e leng topollo ya mmele ya rona.