Baroma
Khaolo 8:31-37
BIBELE e Halalelang
31Ana re tla reng tabeng tseo na? Ha Modimo o eme le rona, ke mang ya ka hanang ho rona na?
32Wona o sa kang wa qenehela Mora wa wona wa sebele, wa mpa wa mo tella rona bohle, na o ke ke wa re sitsa ka dintho tsohle le yena na?
33Bao Modimo o ikgethetseng bona, ke mang ya tla ba bea molato na? Modimo ke wona o ba beang ba lokileng!
34Ya tla ba tswa ke mang? Kreste ke yena ya shweleng, a bileng a tsoha, hape ke yena ya leng ka letsohong le letona la Modimo, hapehape e sa le yena ya re rapellang.
35Ke mang ya tla re arohanya le lerato la Kreste na? Na a ke botubo, kapa tsietsi, kapa hloriso, kapa tlala, kapa bofuma, kapa timelo, kapa lerumo,
36jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Re bolawa letsatsi lohle ka baka la hao; re lekantswe le dinku tse hlajwang?
37Tjhe! Empa nthong tseo tsohle, re hlola ka ho fetisisa ka ya re ratileng.