Baroma
Khaolo 8:9-15
BIBELE e Halalelang
9Empa lona, ha le nameng, le mpa le le moyeng, ha Moya wa Modimo o fela o ahile ka ho lona. Ekare ha motho a se na Moya wa Kreste, hase wa hae.
10Empa Kreste ha a le ka ho lona, mmele wona o shwele ka baka la sebe, empa moya wona o a phela ka baka la ho loka.
11Mme ha Moya wa ya tsositseng Jesu bafung o ahile ka ho lona, ya tsositseng Kreste bafung o tla phedisa le mmele ya lona e shwang, ka Moya wa hae o ahileng ka ho lona.
12Ka baka leo, banabeso, ha re molato ho nama, hore re phele ka thato ya nama.
13Hobane ha le phela ka thato ya nama, le tla shwa; empa ha le bolaya mesebetsi ya mmele ka Moya, le tla phela.
14Hobane bohle ba tsamaiswang ke Moya wa Modimo, bona ke bana ba Modimo.
15Hobane ha le a ka la newa moya wa bohlanka, hore tshabo e boele e be teng, le mpa le neilwe Moya wa ba bewang bana, oo re bitsang Abba! Ntate! ka wona.