Baroma
Khaolo 9:1-4
BIBELE e Halalelang
1Ke bolela nnete pela Kreste, ha ke etse leshano, letswalo la ka le emelana le nna ka Moya o Halalelang,
2ha ke re: Ke utlwa bohloko bo boholo, sello se sa feleng se teng pelong ya ka.
3Hobane, ke be nka rata hore nna ka sebele ke be anathema ka nqa ho Kreste, sebakeng sa banabeso, bao e leng ba mofuta o le mong le nna ka nama;
4e leng Baiseraele, bao ho bewa bana e leng ha bona, le kganya, le dilekane, le peo ya molao, le tshebeletso ya Modimo, le dipallo,