Baroma
Khaolo 9:20-26
BIBELE e Halalelang
20Empa wena motho, o mang ha o tsekisa Modimo? Na ntho e bopilweng e ka re ho ya e bopileng: O ne o nketsetsang jwalo na?
21Na mmopi ha a na tokelo ya ho etsa ka kgwabi e le nngwe ya letsopa pitsa e nngwe ya ntho tse bokwang, le e nngwe ya ntho tse sa bokweng na?
22Mme ho ka thweng, ha Modimo, o ratileng ho bonahatsa bohale ba wona, le ho tumisa matla a wona, o iphapantse ka pelo e telele haholo le dipitsa tsa bohale, tse bopetsweng tahleho,
23hore o tumise monono wa kganya ya wona ka dipitsa tsa kgauhelo, tseo o neng o di lokiseditse kganya esale pele?
24Ke kahoo o re bitsitseng, e seng hara Bajuda feela, empa le hara baditjhaba;
25jwalokaha o boletse le ka Hosea, ha o re: Setjhaba seo e seng sa ka, ke tla se bitsa setjhaba sa ka; le mosadi ya neng a sa ratwe, ke tla mmitsa ya ratwang.
26Mme bakeng seo, ba neng ba boleletswe ha thwe: Lona, ha le setjhaba sa ka, hona teng ba tla bitswa bana ba Modimo o phelang.