1 Bakorinthe
Khaolo 1:10-16
BIBELE e Halalelang
10Ke a le rapela, banabeso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, ke re: Le ke le bolele bohle taba e le nngwe; dikgaohano di se ke tsa eba teng hara lona, le mpe le phethehe boikutlong bo le bong le kgopolong e le nngwe.
11Hobane, banabeso, ke boleletswe bakeng sa lona ke ba ha Klowe hore dikgang di teng hara lona.
12Ke lekanya jwalo, kahobane e mong le e mong ho lona o re: Nna, ke wa Pauluse! — Nna, ke wa Appolose! — Nna, ke wa Kefase! — Nna he, ke wa Kreste!
13Na Kreste o kgaohane na? Kapa Pauluse o thakgiseditswe lona na? Kapa a le kolobeditswe ka lebitso la Pauluse na?
14Ke leboha Modimo kahobane ke sa ka ka kolobetsa motho ho lona, haese Krispuse le Gaiuse;
15ho tle ho se ke ha bolelwa hore le kolobeditswe ka lebitso la ka.
16Ke kolobeditse le ba ntlo ya Setefanase; haele ba bang, ha ke tsebe hoba ke kolobeditse mang.