1 Bakorinthe
Khaolo 1:12-18
BIBELE e Halalelang
12Ke lekanya jwalo, kahobane e mong le e mong ho lona o re: Nna, ke wa Pauluse! — Nna, ke wa Appolose! — Nna, ke wa Kefase! — Nna he, ke wa Kreste!
13Na Kreste o kgaohane na? Kapa Pauluse o thakgiseditswe lona na? Kapa a le kolobeditswe ka lebitso la Pauluse na?
14Ke leboha Modimo kahobane ke sa ka ka kolobetsa motho ho lona, haese Krispuse le Gaiuse;
15ho tle ho se ke ha bolelwa hore le kolobeditswe ka lebitso la ka.
16Ke kolobeditse le ba ntlo ya Setefanase; haele ba bang, ha ke tsebe hoba ke kolobeditse mang.
17Hobane Kreste ha a ka a nthoma hore ke kolobetse, empa e le hore ke bolele Evangeli, e seng ka bohlale ba dipolelo, sefapano sa Kreste se tle se se ke sa etswa lefeela.
18Hobane polelo ya sefapano ke bohlanya ho ba timelang; empa ho rona ba bolokehang, ke matla a Modimo.