1 Bakorinthe
Khaolo 10:1-7
BIBELE e Halalelang
1Banabeso, ke rata ha le ka tseba hoba bontate moholo ba bile bohle katlasa leru, mme bohle ba ne ba tshele lewatle;
2ba kolobeditswe bohle ho Moshe lerung le lewatleng;
3ba jele bohle sejo se le seng sa moya;
4ba nwele bohle seno se le seng sa moya; hobane ba ne ba enwa metsi a lefika la moya le ba latelang, mme lefika leo e ne e le Kreste.
5Empa Modimo ha o a ka wa kgahliswa ke ba bangata hara bona, haele moo ba rapaladitswe feelleng.
6 Taba tseo ke ditemoso ho rona, re tle re se ke ra lakatsa tse mpe, jwalokaha ba di lakaditse.
7Mme le se ke la fetoha ba rapelang ditshwantsho, jwaloka ba bang hara bona; kamoo ho ngodilweng kateng, ho thwe: Setjhaba sa dulela ho ja le ho nwa, sa ntoo ema, sa bapala.