1 Bakorinthe
Khaolo 10:10-16
BIBELE e Halalelang
10Hape, le se ke la korotla jwaloka ba bang hara bona ba kileng ba korotla, mme ba bile ba timetswa ke motimetsi.
11Efela taba tseo tsohle di ne di ba hlahele hore e be ditemoso, mme di ngodilwe hore re ithute ka tsona, rona ba hlahetsweng ke mehla ya bofelo.
12Ka baka leo, ya lekanyang hore o sa eme, a ke a iponele hore a se ke a wa.
13Ha le eso ho ka le hlahelwa ke moleko o sa lekaneng motho; empa Modimo o a tshepeha, o ke ke wa dumela hore le hlahelwe ke moleko o ka le sitang; empa moleko ha o le teng, o tla le etsetsa le sebaka sa ho tswa ho wona, le tle le tsebe ho o jara.
14Ka baka leo, baratuwa ba ka, le ke le tshabe tshebeletso ya ditshwantsho.
15Ke bua le lona kaha le le batho ba nang le kelello; ikahloleleng seo ke se bolelang.
16Senwelo sa hlohonolofatso seo re se lebohang, na hase kopano le madi a Kreste na? Le bohobe boo re bo ngwathang, na hase kopano le mmele wa Kreste na?