1 Bakorinthe
Khaolo 10:18-24
BIBELE e Halalelang
18Bonang Baiseraele, bao e leng bona ka nama: ana ba jang mahlabelo ha ba jele aletareng na?
19Ha ho le jwalo, ke reng? Na ke re, setshwantsho ke ntho na? Kapa se hlabetsweng medimo ke ntho na? Ha ke rialo.
20Empa ke re: Dintho tseo bahetene ba di hlabelang aletareng, ba di hlabela batemona, e seng Modimo: mme ke hana hoba le ka jesana le batemona.
21Le ke ke la nwela senwelong sa Morena le senwelong sa batemona; le ke ke la jela tafoleng ya Morena le tafoleng ya batemona.
22Re rata ho bouledisa Morena na? Hleka re mo fetisa ka matla na?
23 Ke dumeletswe ntho tsohle, empa hase tsohle tse nang le molemo. Ke dumeletswe ntho tsohle, empa ntho tsohle ha di hahise.
24Ho se ke ha eba motho ya batlang tse tshwanelang yena a nnotshi, empa motho ka mong a ke a batle le tse tshwanelang ba bang.