1 Bakorinthe
Khaolo 10:23-29
BIBELE e Halalelang
23 Ke dumeletswe ntho tsohle, empa hase tsohle tse nang le molemo. Ke dumeletswe ntho tsohle, empa ntho tsohle ha di hahise.
24Ho se ke ha eba motho ya batlang tse tshwanelang yena a nnotshi, empa motho ka mong a ke a batle le tse tshwanelang ba bang.
25Jang ntho tsohle tse rekwang thekisong, le sa botse letho ka baka la letswalo;
26hobane lefatshe ke la Morena, le ho tlala ha lona.
27Ekare ha e mong wa ba sa dumelang a le biletsa ho ja, mme le rata ho ya, jang tsohle tse ka bewang pela lona, le sa botse letho ka baka la letswalo.
28Empa etlere ha motho a le bolella, a re: Ntho eo e hlabetswe ditshwantsho, le se ke la e ja ka baka la ya le eleditseng, le ka baka la letswalo; hobane lefatshe ke la Morena, le ho tlala ha lona.
29Mme ha ke bolela letswalo, hase la hao, empa e le la e mong; hobane ho se tshabe ha ka ho ka tsuwa jwang ke letswalo la e mong?