1 Bakorinthe
Khaolo 10:29-33
BIBELE e Halalelang
29Mme ha ke bolela letswalo, hase la hao, empa e le la e mong; hobane ho se tshabe ha ka ho ka tsuwa jwang ke letswalo la e mong?
30Mme ekare ha ke eja ka teboho, nka nyatsuwa jwang hodima seo ke lebohileng ka baka la sona?
31Empa leha le eja, leha le enwa, leha le etsa ntho efe le efe, etsang tsohle ho tlotlisa Modimo ka tsona.
32Le se ke la dihela Bajuda, leha e le Bagerike, leha e le kereke ya Modimo,
33jwalokaha le nna ke kgahlisa bohle nthong tsohle, ke sa ipatlele se tshwanelang nna feela, ke mpa ke batla se tshwanelang ba bangata, ba tle ba bolokehe.