1 Bakorinthe
Khaolo 10:9-15
BIBELE e Halalelang
9Le hona re se ke ra leka Kreste, jwaloka ba bang hara bona ba kileng ba mo leka, mme ba bolailwe ke dinoha.
10Hape, le se ke la korotla jwaloka ba bang hara bona ba kileng ba korotla, mme ba bile ba timetswa ke motimetsi.
11Efela taba tseo tsohle di ne di ba hlahele hore e be ditemoso, mme di ngodilwe hore re ithute ka tsona, rona ba hlahetsweng ke mehla ya bofelo.
12Ka baka leo, ya lekanyang hore o sa eme, a ke a iponele hore a se ke a wa.
13Ha le eso ho ka le hlahelwa ke moleko o sa lekaneng motho; empa Modimo o a tshepeha, o ke ke wa dumela hore le hlahelwe ke moleko o ka le sitang; empa moleko ha o le teng, o tla le etsetsa le sebaka sa ho tswa ho wona, le tle le tsebe ho o jara.
14Ka baka leo, baratuwa ba ka, le ke le tshabe tshebeletso ya ditshwantsho.
15Ke bua le lona kaha le le batho ba nang le kelello; ikahloleleng seo ke se bolelang.