1 Bakorinthe
Khaolo 11:27-33
BIBELE e Halalelang
27Ka baka leo, mang le mang ya jang bohobe boo, kapa ya nwelang senwelong sa Morena ka mokgwa o sa tshwanelang, o tla ba le molato wa mmele le wa madi a Morena.
28Motho ka mong a ke a itekole ke hona, mme jwale e be hona a jang bohobe bona, a nwelang senwelong sena.
29Hobane ya jang, le ya nwang ka mokgwa o sa tshwanelang, o itjella, o inwella tsuo, hobane a sa lemohe mmele wa Morena.
30Ke ka baka leo ho nang le ba bangata ba fokolang, le ba kulang hara lona; mme ba bangata ba se ba bile ba shwele.
31Hobane hoja re a ikahlola, ke moo re ka beng re sa ahlolwe.
32Empa ha re ahlolwa, re lauwa ke Morena, re tle re se ke ra tsuwa le lefatshe.
33Ha ho le jwalo, banabeso, ha le phuthehela ho ja, le ke le letane.