1 Bakorinthe
Khaolo 11:9-15
BIBELE e Halalelang
9Hape, monna ha a ka a bopelwa mosadi, ke mosadi ya bopetsweng monna.
10Ka baka leo, mosadi o tshwanetse ho ba le pontsho ya ho buswa, hloohong, ka baka la mangeloi.
11Leha ho le jwalo, monna ha a yo kantle ho mosadi, le mosadi ha a yo kantle ho monna, Moreneng.
12Hobane jwalokaha mosadi a nkilwe monneng, le yena monna o tswalwa ke mosadi, mme tsohle di tswa ho Modimo.
13Le ke le ahlole e le lona hore na ho a lokela hore mosadi a rapele Modimo a sa rwala hloohong?
14Ha ke re, le tsona dipelo tsa lona di a le ruta hoba monna ha a hodisa moriri wa hae, ke ntho e dihlong ho yena?
15Athe mosadi ha a hodisa moriri wa hae, ke kganya ho yena; hobane o filwe moriri, e tle e be lesira.