1 Bakorinthe
Khaolo 12:10-16
BIBELE e Halalelang
10E mong o newa tshebetso ya mehlolo, e mong boporofeta, e mong temoho ya meya, e mong dipuo tse mefuta, e mong phetolo ya dipuo.
11Tseo tsohle di sebetswa ke wona Moya oo o leng mong feela, o ntseng o abela e mong le e mong kamoo o ratang kateng.
12Hobane jwalokaha mmele o le mong, mme o ena le ditho tse ngata, mme ditho tsohle tsa mmele o leng mong, leha di le ngata, e le mmele o le mong feela, Kreste le yena o jwalo.
13Hobane rona bohle re kolobeditswe Moyeng o le mong, hore re be mmele o le mong, leha e le Bajuda, leha e le Bagerike, leha e le ba ruilweng, leha e le ba sa ruwang; mme bohle re nositswe Moyeng o le mong.
14Efela mmele hase setho se le seng, empa ke ditho tse ngata.
15Hoja leoto le ka re: Erekaha ke se letsoho, ha ke wa mmele, na hase la mmele leha ho le jwalo na?
16Mme tsebe leha e be e ka re: Erekaha ke se leihlo, ha ke wa mmele, na hase ya mmele leha ho le jwalo na?