1 Bakorinthe
Khaolo 12:2-8
BIBELE e Halalelang
2Le a tseba hoba le ne le le bahetene ba hulelwang ditshwantshong tse sa bueng, kamoo le neng le hulanngwa kateng.
3Ke moo ke le tsebisang hoba ha ho motho, ya buang ka Moya wa Modimo, ya ka bitsang Jesu anathema, mme ha ho e mong ya ka bitsang Jesu Morena, haese ka Moya o Halalelang.
4Dineo tsona di arohane, empa Moya o mong feela.
5Ditshebeletso le tsona di arohane, empa Morena o mong feela.
6Le diketso di arohane, empa Modimo o mong feela, o sebetsang tsohle ho bohle.
7Mme ponahatso ya Moya e newa e mong le e mong, e tle e be molemo wa bohle.
8Hobane e mong o newa ke Moya puo ya bohlale; e mong o newa puo ya tsebo ke Moya wona oo.