1 Bakorinthe
Khaolo 12:27-31
BIBELE e Halalelang
27Haele lona, le mmele wa Kreste, mme le ditho tse ding tsa hae.
28Mme bao Modimo o ba beileng kerekeng, pele ke baapostola, ba bobedi ke baporofeta, ba boraro ke baruti, ho ntoo ba ba mehlolo, le dineo tsa phodiso, le ditshebeletso, le ditsamaiso, le mefuta ya dipuo.
29Na bohle ke baapostola? Na bohle ke baporofeta? Na bohle ke baruti? Na bohle ba na le neo ya mehlolo?
30Na bohle ba na le dineo tsa phodiso? Na bohle ba bua dipuo? Na bohle ba na le neo ya ho fetola dipuo na?
31 Hara dineo tseo, a le keng le tjhesehelleng tse fetisang ka molemo; empa ke sa tla le bontsha tsela e fetisisang.