1 Bakorinthe
Khaolo 13:4-10
BIBELE e Halalelang
4Lerato le sebete, le mosa; lerato ha le na mona; lerato ha le na boikgantsho; ha le ikgohomose.
5Ha le etse ho swabisang, ha le ipatlele tsa lona, ha le halefe, ha le hopole bobe.
6Ha le thabele bokgopo, le mpa le thabela nnete.
7Le mamella tsohle, le dumela tsohle, le tshepa tsohle, le jara tsohle.
8Lerato ha le ka ke la timela le ka mohla o le mong. Athe haele boporofeta, bo tla fela; leha e le dipuo, di tla lesa ho ba teng, le yona tsebo e tla fela.
9Hobane re tseba ka nqa e le nngwe, mme re porofeta ka nqa e le nngwe feela.
10Empa mohla ho hlahang phetheho, ke moo se leng ka nqa e le nngwe feela se tla fediswa.