1 Bakorinthe
Khaolo 14:12-18
BIBELE e Halalelang
12Mme jwale lona, haele mona le tjhesehella dineo tsa Moya, batlang ho atelwa ke tse ka hahisang kereke.
13Ka baka leo, ke re: Ya buang ka puo a rapele hore a tsebe ho fetola.
14Hobane ekare ha ke rapela ka puo, moya wa ka o a rapela, empa kelello ya ka ha e sebetse letho.
15Nka etsa jwang na? Ke tla rapela ka moya, mme le hona ke tla rapela ka kelello; ke tla bina ka moya, mme le hona ke tla bina ka kelello.
16Ha ho se jwalo, ekare ha o leboha ka moya, ana ya dutseng setulong sa ya sa tsebeng a ka tiisa jwang teboho ya hao ka amen ya hae, haele mona a sa tsebe seo o se bolelang?
17Efela wena o leboha hantle, empa e mong ha a hahiswe ke hona.
18Ke boka Modimo wa ka, hobane ke bua ka dipuo ho fetisa lona bohle.