1 Bakorinthe
Khaolo 14:32-38
BIBELE e Halalelang
32Meya ya baporofeta e buswa ke baporofeta.
33Hobane Modimo hase Modimo wa moferefere, empa e le wa kgotso, jwalokaha ho bonwa dikerekeng tsohle tsa bahalaledi.
34Basadi ba lona ba kgutse diphuthehong; hobane ha ba dumellwe ho bua; ba mpa ba tshwanetse ho mamela; jwalokaha le wona molao o bolela.
35Mme ekare ha taba e le teng eo ba ratang ho e tseba, ba e botse banna ba bona hae; hobane ho hobe ha basadi ba bua kerekeng.
36Ana lentswe la Modimo le tswile ho lona, kapa ke lona feela ba fihletsweng ke lona na?
37Ekare ha motho a itekanya hoba ke moporofeta, kapa motho ya nang le moya, a ke a tsebe hoba ditaba tseo ke le ngollang tsona, ke melao ya Morena.
38Mme ekare ha e mong a hana ho tseba, a ikganele ho tseba.