1 Bakorinthe
Khaolo 14:4-10
BIBELE e Halalelang
4Ya buang ka puo o ikgahisa a nnotshi, empa ya porofetang o hahisa kereke.
5Ke rata ha le ka bua bohle ka dipuo, empa haholoholo ke rata ha le ka porofeta; hobane ya porofetang o fetisa ya buang ka dipuo, haese ha eo a ka fetola, kereke e tle e fumane kgahiso.
6Mme jwale, banabeso, ha ke be nka tla ho lona ke bua ka dipuo, le ne le ka fihlela molemo ofe, ha ke sa bue le lona ka taba ya tshenolo, leha e le ka ya bohlale, leha e le ka ya boporofeta, leha e le ka ya thuto?
7Ho dutse jwalo le dintho tse sa pheleng tse nang le medumo, leha e ka ba phala, kapa harepa; ha di ka lla molodi o le mong, ho ka tsejwa jwang ha ho letsitswe phala, kapa ha ho letsitswe harepa?
8Mme ekare ha terompeta e ena le modumo o sa kgethweng, ke mang ya tla phallela ntweng?
9Ha ho le jwalo, le lona, ekare ha le sa hlahise puong tsa lona taba e utlwahalang, ana batho ba tla tseba jwang se bolelwang? Ekaba ke ho ipuella sebakeng.
10Ho thwe, medumo e sa tshwaneng e ntse e atile lefatsheng; empa medumong eo ha ho na o sa utlwahaleng.