1 Bakorinthe
Khaolo 14:7-13
BIBELE e Halalelang
7Ho dutse jwalo le dintho tse sa pheleng tse nang le medumo, leha e ka ba phala, kapa harepa; ha di ka lla molodi o le mong, ho ka tsejwa jwang ha ho letsitswe phala, kapa ha ho letsitswe harepa?
8Mme ekare ha terompeta e ena le modumo o sa kgethweng, ke mang ya tla phallela ntweng?
9Ha ho le jwalo, le lona, ekare ha le sa hlahise puong tsa lona taba e utlwahalang, ana batho ba tla tseba jwang se bolelwang? Ekaba ke ho ipuella sebakeng.
10Ho thwe, medumo e sa tshwaneng e ntse e atile lefatsheng; empa medumong eo ha ho na o sa utlwahaleng.
11Mme ekare ha ke sa tsebe hoba puo e reng, nka ba mobarebare ho ya buang, le ya buang e ka ba mobarebare ho nna.
12Mme jwale lona, haele mona le tjhesehella dineo tsa Moya, batlang ho atelwa ke tse ka hahisang kereke.
13Ka baka leo, ke re: Ya buang ka puo a rapele hore a tsebe ho fetola.