1 Bakorinthe
Khaolo 15:35-41
BIBELE e Halalelang
35Empa e mong o tla re: Bafu ba tsoha jwang? Ba tla hlaha ka mmele o jwang?
36Sethoto ke wena! Seo o se jalang se ke ke sa phela, ha se sa shwe pele.
37Mme ha o jala, ha o jale mmele o tlang ho hlaha, empa o jala hlaku e hlobotseng, mohlomong e le ya koro, leha e le ya dijalo tse ding.
38Mme Modimo ke wona o e neang mmele kamoo o ratang kateng, mme o nea hlaku e nngwe le e nngwe mmele wa yona.
39Nama tsohle hase nama e le nngwe; empa nama ya batho ke esele, le nama ya diphoofolo ke esele, le ya dihlapi ke esele, le ya dinonyana ke esele.
40Mme mmele ya lehodimo e teng, le mmele ya lefatshe e teng; empa kganya ya ya lehodimo ke esele, le ya ya lefatshe ke esele.
41Khanya ya letsatsi ke esele, le kganya ya kgwedi ke esele, le kganya ya dinaledi ke esele; hobane naledi e ye e be hosele ho naledi e nngwe ka kganya.