1 Bakorinthe
Khaolo 15:39-45
BIBELE e Halalelang
39Nama tsohle hase nama e le nngwe; empa nama ya batho ke esele, le nama ya diphoofolo ke esele, le ya dihlapi ke esele, le ya dinonyana ke esele.
40Mme mmele ya lehodimo e teng, le mmele ya lefatshe e teng; empa kganya ya ya lehodimo ke esele, le ya ya lefatshe ke esele.
41Khanya ya letsatsi ke esele, le kganya ya kgwedi ke esele, le kganya ya dinaledi ke esele; hobane naledi e ye e be hosele ho naledi e nngwe ka kganya.
42 Ho tla ba jwalo le tsohong ya bafu. Mmele o jallwa ho boleng, o tla tsohela ho se bole;
43o jalwa e le ntho e nyatsuwang, o tla tsoha o kganya; o jalwa o fokotse, o tla tsoha o le matla;
44o jalwa e le mmele wa nama, o tla tsoha e le mmele wa moya. Mmele wa nama o teng, le mmele wa moya o teng.
45Jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Motho wa pele, Adama, o entswe moya o phelang, mme Adama wa morao o entswe moya o phedisang.