1 Bakorinthe
Khaolo 16:11-17
BIBELE e Halalelang
11A se ke a nyatsuwa ke motho, le mpe le mo felehetse ka kgotso, a tle ho nna, hobane ke mo lebeletse le banababo rona.
12Haele Apolose, ngwanabo rona, ke mo kgothaditse haholo hore a ke a ye ho lona le banababo rona, empa ha a ka a dumela le hanyenyane ho ya jwale; leha ho le jwalo, o tla tla mohla a nang le sebaka.
13Fadimehang, le tiye tumelong; le etse ka senna, le matlafale.
14Ditaba tsohle tsa lona di etswe ka lerato.
15Ke sa le rapela hle, banabeso! Le tseba ba ntlo ya Setefanase, hobane ke bona bao e leng matsibolo a Akaea, le hoba ba ineetse tshebeletso ya bahalaledi.
16Le lona, le ke le utlwe batho ba jwalo, le bohle ba sebetsang le rona, ba thusang.
17Ke thabile ke ho tla ha Setefanase, le ha Fortunate, le ha Akaike, hobane ba nketseditse, bakeng sa lona, seo le sitilweng ho se etsa.