1 Bakorinthe
Khaolo 16:16-22
BIBELE e Halalelang
16Le lona, le ke le utlwe batho ba jwalo, le bohle ba sebetsang le rona, ba thusang.
17Ke thabile ke ho tla ha Setefanase, le ha Fortunate, le ha Akaike, hobane ba nketseditse, bakeng sa lona, seo le sitilweng ho se etsa.
18Hobane ba kgatholotse pelo ya ka le tsa lona; hlokomelang batho ba jwalo.
19Dikereke tsa Asia di a le dumedisa. Akila le Prisila, le kereke e ka tlung ya bona, ba le dumedisa haholo Moreneng.
20Baena bohle ba le dumedisa. Dumedisanang ka kako e halalelang.
21Tumediso ke ya letsoho la ka, Pauluse.
22Ekare ha motho a le teng, ya sa rateng Morena Jesu, a be anathema. Maranatha (Morena wa rona o a tla).