1 Bakorinthe
Khaolo 16:3-9
BIBELE e Halalelang
3Mme etlare ha ke fihla, ke tla roma ka mangolo bao le ba tshepileng, ba tle ba ise mpho ya lona Jerusalema.
4Mme ekare ha ho ka tshwanela hore le nna ke ye, ba tla ya le nna.
5Ke tla tla le ka ho lona, ha ke fetile ka Masedonia; hobane ke tla ya ka la Masedonia.
6Mme ekaba ke tla hlola ditshiu hara lona, mohlomong ke hlole teng mariha a be a fete, le tle le nne le mphelehetse hohle moo ke yang le teng.
7Hobane, haele jwale, ha ke rate ho le fapohela feela, empa ke tshepile hoba ke tla hlola ditshiu le lona, ha Morena a dumela.
8Empa ke tla dula Efese ho be ho fihle Pentekonta.
9Hobane teng ke buletswe monyako o moholo wa tshebetso e hlohonolofalang; hape ho le bahanyetsi ba bangata.